Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 26:43 - BIBELE

43 Ba tla furalla naha, mme e tla thabela dilemo tsa phomolo ya yona, ha e ntse e se na baahi. Ba tla dumela ho otlelwa makgopo a bona, hobane ba ile ba furalla ditaelo tsa ka, mme ba hloya melao ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

43 Naha e tla tlohelwa ke bona, mme e tla thabela Disabatha tsa yona, ha e sa ntse e senyehile, ba le siyo; ba tla lefa molato wa makgopo a bona, ka baka la hobane ba nyatsitse dikahlolo tsa ka, mme ba kgesitse melao ya ka.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:43
28 Referencias Cruzadas  

Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


“Ho lehlohonolo eo Modimo a mo tshwayang phoso, kahoo se nyatse ha Ya Matla a o kgalema.


Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.


Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.


Morena, ke a tseba hore dikahlolo tsa hao di lokile; mme leha o nkokobeditse, wena o a tshepahala.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


athe o hloile ho kgalemelwa, o lahlile mantswe a ka ho hang?


Morena, ba tlile ho wena ba tsielehile, ha o ba kgalema yaba ba a o rapela.


Ruri hoba ke kgelohe ke ile ka ikwahlaya, yare hoba ke rutwe ka kebisa hlooho ke ho swaba. Ka hlajwa ke dihlong, pelo ya ka ya nyahama, ka inyatsetsa dibe tsa botjha ba ka.’


Ka baka leo, Morena o nnile a thisisa koduwa ena, empa jwale o e dihetse hodima rona. Morena Modimo wa rona o etsa tsohle ka ho loka, empa rona ha re a ka ra mamela lentswe la hae.


Ke tla hloma Tente ya ka kahara lona, mme lona nke ke ka le hloya.


haeba le furalla ditaelo tsa ka, le nyedisa dikahlolo tsa ka, le sa boloke melao ya ka yohle, le senya selekane sa ka;


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Le nna he, ke ile ka ba lwantsha, ka ba tlisa naheng ya dira tsa bona. Empa haeba dipelo tsa bona tse thatathata di ka ikokobetsa, mme ba dumela ho otlelwa makgopo a bona,


Le hloile ya lwanelang toka, a e lwanela ka makgotleng, le bile le nyedisa ya buang nnete.


Ka kgwedi e le nngwe ka bolaya badisa ba bararo, hobane ba ne ba ntenne, ba se ba ntlhoile.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


“Morena o tla ahlola, a ahlolele tjhaba sa hae, a utlwele bahlanka ba hae bohloko, ha a bona matla a bona a fedile, a sa siye mothopuwa kapa molokolohi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios