Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 26:18 - BIBELE

18 “ ‘Haeba, le ka lebaka la dintho tsena, le ntse le sa mmamele, ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Ekare ha le sa nkutlwe ka tseo, ke tla eketsa kotlo hasupa, ke tle ke le otle ka baka la dibe tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:18
10 Referencias Cruzadas  

Ke o rorisa hasupa ka letsatsi, ka baka la kahlolo tsa hao, kahlolo tse lokileng.


Ka nako ena ke tla romela diwa tsa ka tsohle ho wena, le ho bahlanka ba hao, le ho setjhaba sa hao; e le hore o tle o tsebe hore ha ho ya kang nna lefatsheng lohle.


hoba leha ya lokileng a ewa hasupa, o ye a boele a tsohe, athe ba kgopo koduwa e a ba timetsa.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena e tlokomela tjhaba sa hae, o phahamisitse tsoho la hae, o a ba otla, thaba di a reketla, topo tsa bona eka matlakala hara seterata. Leha ho le jwalo, kgalefo ya hae ha e kgaotse, tsoho la hae o ntsa le phahamisitse.


Naha e omeletse hobane pula ha e yo, balemi le bona pelo tsa bona di nyahame, matsoho ba a beile hodima dihlooho.


Jwale kgalefo ya Nebukadenesare ya tlokoma, a sosobanyetsa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego sefahleho. A laela hore sebopi sa mollo se beswe hasupa ho feta mehla.


“ ‘Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona.


le nna ke tla le lwantsha. Ke tla le otlela dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


ke tla le lwantsha ke le halefetse, ke le otlele dibe tsa lona, mme ke menahanye kotlo ya lona hasupa.


Ba neng ba kgora, ba sebeletsa bohobe, ba neng ba lapa ba a kgora; e, nyopa e tswetse bana ba supile, ya belehileng haholo o setse a itlhophere.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos