Levitike 22:11 - BIBELE11 Lekgoba leo moprista a le rekileng ka tjhelete ya hae, lona le ka ja dintho tseo tse halalelang. Le bohle ba tswaletsweng tlung ya moprista ba ka ja dijo tseo tsa hae. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)11 Empa ekare ha moprista a itheketse mohlanka ka tjhelete, yena o tla di ja; ho jwalo le bakeng sa ya tswaletsweng tlung ya hae; bona ba tla ja dijo tsa hae. Ver Capítulo |
“Dintho tsohle tsa tse halalelang ka ho fetisisa, tse sa angwang ke mollo, tsena e tla ba tsa hao. Nyehelo e nngwe le nngwe ya bona, e ka ba nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona ya dijo, le nyehelo e nngwe le e nngwe ya bona e tlosang sebe, le nyehelo e nngwe le e nngwe e tlosang molato, tseo ba tla nnyehella ka tsona, e le dintho tse halalelang ka ho fetisisa, e tla ba tsa hao le tsa bara ba hao.