Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 20:6 - BIBELE

6 “ ‘Motho ya batlang thuso ya mathuela, kapa ya dinohe, ya mathang kamora tsona, ke tla mo halefela, mme ke mo kgaole setjhabeng sa habo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ekare ha motho a kgelohela ho ba bitsang bafu, le ho dinohe, ho ya boka le bona, motho eo ke tla mo tjamela, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 20:6
17 Referencias Cruzadas  

Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


Empa haeba ntata morwetsana a hana ho mo nea yena, o tla mo lefa ka tjhelete e lekanang bohadi ba barwetsana.


“Mosadi ya loyang o tla bolawa.


Ha batho ba re le yo botsa ho ba buisanang le bafu le ho baloi ba hweshetsang, ba beraberang, na batho ha ba tshwanele ho botsa Modimo wa bona, ho ena le hore ba phelang ba botse bafu?


“Ka baka lena, Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsebang hore ke rerile ho le tlisetsa koduwa le ho timetsa Juda yohle.


Ba phonyohileng sabole, ba ditjhabeng tseo ba qhalanyeditsweng ho tsona e le bathopuwa, ba tla nkgopola, ba hopole kamoo ke swabisitsweng kateng ke dipelo tsa bona tse hlokang botshepehi, tse ileng tsa mphuralla, mme mahlo a bona a tadima medingwana ya bohata. Ba tla inyonya ka baka la bobe bohle boo ba bo entseng, le ka baka la manyala a bona.


Tjhaba sa ka se laola ka dikoqwana, melangwana ke yona e buang le sona. Moya wa bootswa o a se kgelosa, se furaletse Modimo, se etsa bootswa.


“ ‘Motho ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa wa moditjhaba ya jakileng hara bona, ya jang bobete ba mofuta ofe kapa ofe, ke tla mo halefela. Motho eo ya jang bobete ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo.


“ ‘Le se ke la ja letho le nang le madi. Le se ke la sebedisa ditaola kapa bonohe.


“ ‘Le se ke la batla thuso ho mathuela kapa dinohe; le se ke la ya ho bona, esere ba le silafatsa. Ke nna Morena Modimo wa lona.


“ ‘Monna kapa mosadi ya nang le moya wa bothuela, kapa wa bonohe, ruri o tla bolawa. O tla tlepetswa ka majwe, a bolaelwe molato wa hae.’ ”


nna ke tla halefela monna eo le ba leloko la hae. Ke tla mo kgaola setjhabeng sa habo, mmoho le bohle ba mo etsisang, ba sebeletsang Moloke.


Ha le bona ditjellane tsena le tla hopola melao yohle ya Morena, mme le e phethe. Le se ke la phetha ditakatso tsa dipelo tsa lona le tsa mahlo a lona, e leng tse etsang hore le se ke la tshepahala.


Yare ha re ntse re eya thapelong, ha etsahala hore re kgahlanyetswe ke lekgabunyane le nang le moya wa bonohe, le neng le fumantsha beng ba lona leruo le lengata ka bonohe ba lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos