Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 16:8 - BIBELE

8 Arone o tla laola diphooko tseo tse pedi ka lotho, mme lotho lona le tla ntsha e nngwe e le ya Morena, e nngwe e le ya Asasele.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 O tla laola diphooko tse pedi, hore ho laola ho tle ho ntshe eo e leng ya Jehova, le eo e leng ya Asasele.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:8
12 Referencias Cruzadas  

Batho ba laola ditaba ka lotho, empa diqeto tsona ke tsa Morena.


“Naha ena ke yona eo le tla e arolela merabe ya Iseraele, hore e be lefa la yona, mme tsena e tla ba tsona dibaka tsa merabe eo,” ho rialo Morena.


Empa podi eo lotho le e ntshitseng e le ya Asasele, e tla emiswa kapele ho Morena e ntse e phela, hore a tle a etsetse tefelo ya sebe hodima yona, e nto lelekelwa lehwatateng ho Asasele.


“Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong.


O tla nka dipodi tseo tse pedi, a di emise kapele ho Morena, monyakong wa Tente ya Morena.


Arone o tla tlisa phooko eo lotho le e ntshitseng e le ya Morena, mme ka yona a etse nyehelo e tlosang sebe.


Yaba basesisi ba sekepe ba a buisana, ba re: “Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe hore na ke ka baka la mang re welwang ke koduwa ena.” Ba laola ka lotho, mme lotho la ntsha Jonase.


Feela ba arolelwe naha ena ka lotho. Ba tla arolelwa naha ena ho ya ka mabitso a merabe ya bo-ntata bona.


Naha eo e tla ba lefa la lona, mme le tla e arola ka lotho, ho ya ka malapa abo lona. Ba bangata o ba abele karolo e kgolo, ba mmalwana o ba abele karolo e nyenyane. Kamoo lotho le tla kgethela motho kateng, lefa le ajwe jwalo. Naha eo e tla ba ya lona ho ya ka merabe ya bo-ntata lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos