Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:5 - BIBELE

5 Phuthehong ya bana ba Iseraele a nke dipodi tse pedi tsa nyehelo e tlosang sebe, le pheleu e le nngwe ya nyehelo ya setjheso.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 O tla newa ke phutheho ya bana ba Iseraele diphooko tse pedi ho etsa sehlabelo sa sebe, le pheleu ho etsa setjheso.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:5
14 Referencias Cruzadas  

Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena.


Moketeng ona wa ho kgakola Tempele ya Modimo, ba ile ba nyehela ka dipohwana tse lekgolo, le ka dipheleu tse makgolo a mabedi, le ka dikonyana tse makgolo a mane. Bakeng sa nyehelo e tlosang sebe sa Baiseraele bohle, ba nyehela ka diphooko tse leshome le metso e mmedi, ho latela palo ya merabe ya Iseraele.


“ ‘Haeba nyehelo ya hae ya setjheso e le e tswang mohlapeng wa dinku kapa wa dipodi, hore e be setjheso, e be e tona, e se nang sepha.


“ ‘Haeba ya etsang sebe e le moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihela setjhaba sebeng, o tla tlisetsa Morena pohwana e se nang sepha, mme a etse sehlabelo ka baka la sebe sa hae.


Jwale Moshe a tlisa pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, mme Arone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hodima hlooho ya pohwana ya nyehelo e tlosang dibe.


“Nka Arone le bara ba hae, le diaparo, le ole e tlotsang, le pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le dipheleu tse pedi, le seroto sa bohobe bo sa lomoswang.


a re ho Arone: “Nka pohwana ya nyehelo e tlosang sebe, le pheleu ya nyehelo ya setjheso, bobedi ba tsona di hloke sepha, o di nyehelle Morena.


Le phooko e le nngwe ya nyehelo e tlosang sebe, e le e eketsang nyehelo ya tefelo e tlosang sebe, le nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya dijo, le dinyehelo tsa dino tse tsamayang le yona.’ ”


Seo Molao o neng o sitwa ho se etsa, ka baka la ho fokola ha botho, Modimo o se entse. Ka ho roma Mora wa hae e le sehlabelo sa sebe, a inketse botho bo tshwanang le ba baetsadibe, Modimo o ahlotse sebe bothong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos