Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:16 - BIBELE

16 O tla hlwekisa Sehalalelo ka baka la ho se hlweke ha bana ba Iseraele, le ka baka la ditlolo tsa bona le dibe tsa bona tsohle. Le Tente ya Morena, e hlomilweng hara bona ba sa hlweka, a e hlwekise.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:16
12 Referencias Cruzadas  

Hang ka selemo, Arone o tla etsa sehlabelo sa tefelo ya sebe. Hodima manaka a aletare o tla tshela madi a tse hlabetsweng tefelo ya sebe. Tshebeletso ena ya tefelo ya sebe e tla etswa hang ka selemo, ho ya fihla melokong yohle e tlang, hobane ho Morena aletare ena e halalela ka ho fetisisa.”


Ho se be motho ka Tenteng ya Morena, ho tloha ha moprista a kena ka ho yona ho ya etsa tefelo ya sebe, ho fihlela a etswa. O tla iketsetsa tefelo ya sebe, a e etsetse le ba lelapa la hae, le setjhaba sohle sa Iseraele.


“Jwale o tla tswa, a ye aletareng e kapele ho Morena, mme a e hlwekise. A nke madi a mang a pohwana, le madi a mang a podi, mme ka wona a tlotse manaka a aletare ho e potapota.


“Letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, ke letsatsi la tefelo ya sebe, mme le tla ba le phutheho e halalelang. Le tla itima dijo, le etsetse Morena nyehelo ya setjheso.


Moshe a e hlaba, mme a qopetsa monwana wa hae ka mading, a tlotsa manaka a aletare ka madi ao, a e hlwekisa. Madi a mang a a tshollela motheong wa aletare, a e halaletsa, a e hlwekisa.


Moshe a etsa jwalo. A etsa jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ho tla nyehellwa Morena ka phooko ya nyehelo e tlosang sebe, mme ho nyehelwa ka tsona e le tse eketsang nyehelo ya kamehla ya setjheso, le nyehelo ya seno e tsamayang le yona.’ ”


Ha ke se ke ile, ke le lokiseditse bodulo, ke tla boela ke tle ke le nkele ho nna, hore moo nna ke leng teng, le lona le be hona teng.


Kahoo o ne a tshwanetse ho etswa ya tshwanang le bana babo kahohle, hore e be Moprista e Moholo, ya lereko, ya tshepahalang ho Modimo dinthong tsohle, e le hore a lefelle dibe tsa setjhaba.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos