Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 15:16 - BIBELE

16 “ ‘Ha monna a hoshotsa metsi a bonna ba hae, o tla tola mmele wohle ka metsi, mme o tla sala a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Etlare ha monna a hlapile, o tla hlatswa mmele wa hae kaofela metsing, a be sesila ho isa mantsiboya:

Ver Capítulo Copiar




Levitike 15:16
9 Referencias Cruzadas  

Lesela lefe kapa lefe, kapa letlalo lefe kapa lefe le nang le metsi ana a bonna hodima lona, le tla hlatsuwa ka metsi, mme le sale le ntse le ena le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Ha monna a kena dikobong tsa mosadi, bobedi ba bona ba tla tola ka metsi, mme ba sale ba ntse ba le sesila ho fihlela ka phirimana.’ ”


Mang kapa mang ya mang diphate tsa monna eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme a sale a ntse a le sesila ho fihlela ka phirimana.


“ ‘Monna ofe kapa ofe eo e leng setloholo sa Arone, ya tswileng lepera, kapa ya nang le seso se qhitsang, a se ke a ja dintho tse halalelang a eso ka a hlweka. Monna ofe kapa ofe ya amang motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo, kapa ya hoshotsang metsi a bonna;


Ha ho le jwalo, baratuwa, kaha re etseditswe ditshepiso tse jwalo, a re itlhwekiseng ditshileng tsohle tsa nama le tsa moya, ka ho phethahatsa kgalaletso ya rona, re ntse re tshaba Modimo.


“Kantle ho diahelo ho tla ba le sebaka se kgethetsweng hore ebe sa mohlabana.


Baratuwa, le le baeti le bajaki, ke le kgothaletsa hore le lahle ditakatso tsa botho, tse lwantshanang le moya.


Empa haeba re phela leseding, jwalokaha le yena a le leseding, re a phedisana, mme madi a Jesu, Mora wa hae, a re hlwekisa dibe tsohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos