Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 13:34 - BIBELE

34 Ka letsatsi la bosupa moprista o tla hlahloba lefu lena la mmokwana; haeba le sa anela mmele, mme ho bonahala hore ha le a phobela, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o hlwekile. Motho eo o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a tla ba o hlwekile.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Moprista o tla tadimisisa setshwa ka letsatsi la bosupa, mme ekare ha a fihlela hoba ha se a ka sa keka letlalong, ho sa bonahale hore se phobetse ho feta letlalo, moprista o tla mmolela hore o hlwekile; o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:34
6 Referencias Cruzadas  

moprista o tla mo hlahloba. Ha a fumana hore se phobetse, mohwete o mosesanyane, o mosehlanyana, moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila; hoo ke lefu la mmokwana, ke lepera le tswang motho hloohong kapa seledung.


motho eo o tla beolwa, empa moo mmokwana o entseng lebadi ho se ke ha beolwa. Moprista o tla etsa hore motho eo ya tshwerweng ke lefu lena a dule a le mong ka matsatsi a supileng.


Empa haeba lefu lena la mmokwana le anela mmele kamora hore ho phatlalatswe hore motho eo o hlwekile,


Baratuwa, le se ke la dumela mang kapa mang ya reng o na le Moya. Le mpe le hlahlobe hore na moya oo wa bona o tswa ho Modimo, hobane hohle lefatsheng ho tletse baporofeta ba bohata.


Hauhelang ba qeaqeang;


o re: Ke tseba mesebetsi ya hao, le boikgathatso ba hao, le tiisetso ya hao, le hore ha o ka ke wa mamella ba kgopo. O ile wa hlahloba ba reng ke baapostola, empa e se bona, mme wa fumana hore ba leshano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos