Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 1:17 - BIBELE

17 A tshware mapheo a lona, a le rale, feela a sa le kgekgethe; ebe moprista o le tjhesetsa hodima aletare, hodima patsi e tukang, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.’ ”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 O tla roba nonyana pakeng tsa mapheo, empa a sa e kgaole kalehare, mme moprista o tla e tjhesa aletareng hodima patsi e beilweng mollong; ke setjheso, sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 1:17
20 Referencias Cruzadas  

A mo tlisetsa tsena kaofela, a di kgekgetha, a bea mokgekgetho ka mong o bapile le wa habo wona, empa dinonyana tsona a se ke a di kgekgetha.


Ha Morena a utlwa monko o monate, a re ka pelong ya hae: “Ha ke sa tla hlola ke rohaka lefatshe ka baka la motho, hobane mehopolo ya pelo ya motho haesale e le mebe ho tloha botjheng ba hae. Ha ke sa tla boela ke otla dintho tsohle tse phelang, jwalokaha ke entse.


o ke ke wa ntlohela Nqalong ya Bafu, o ke ke wa lesela motshepuwa wa hao, wa mo lesella ho bolla lebitleng.


Empa dikahare tsa yona le ditlhakwana tsa yona a di hlatswe ka metsi; moprista a tjhesetse sehlabelo sohle hodima aletare, e be sehlabelo sa setjheso, se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


ebe o e tlisa ho baprista, e leng bara ba Arone. Moprista a nke phofo e thumisehileng ka seatla, le ole, le mokubetso kaofela, a di tjhesetse hodima aletare, e be kgopotso e hodima aletare; e be setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


Jwale bara ba Arone ba tla di tjhesetsa hodima aletare, e leng hodima patsi e tukang. Ke nyehelo ya setjheso se monko o monate, se amohelehang ho Morena.


O tla a tlisa ho moprista ya tla nyehela pele ka leebanakgorwana leo e leng la nyehelo ya sebe. O tla le sotha molala, empa ha a na ho le kgaola hlooho.


“ ‘Ona ke molao wa nyehelo ya dijo. Bara ba Arone ba tla tlisa nyehelo ena kapele ho Morena, kapela aletare.


Dikahare le ditlhakwana a di hlatswa ka metsi, mme a tjhesetsa pheleu yohle hodima aletare. E ne e le nyehelo ya setjheso, e monko o monate, e amohelehang ho Morena, jwalokaha Morena a ne a mo laetse.


Ba mo tlisetsa ditho tsa nyehelo ya setjheso, le hlooho; tsena a di tjhesetsa hodima aletare.


le nyehelle Morena ka nyehelo ya mollo, e leng nyehelo ya setjheso, kapa sehlabelo sa ho etsa kano, kapa nyehelo ya boithaopo, kapa ya mekete ya lona e kgethehileng, e le nyehelo e monko o monate, e amohelehang ho Morena, e tswang mohlapeng wa dikgomo kapa wa dinku.


Konyana ya bobedi o tla nyehela ka yona ka phirimana, o nyehele ka yona le ka nyehelo ya seno e tsamayang le yona, e le nyehelo ya setjheso e monko o monate, e amohelehang ho Morena.’ ”


Jesu a boela a meketsa ka lentswe le phahameng, mme a neela moya.


Jwale ha Jesu a nwele asene, a re: “Ho phethahetse!” A kebisa hlooho, a neela moya.


ya ileng a neelwa lefu ka baka la dibe tsa rona, mme a tsoswa hore re tle re lokafatswe.


Kreste le yena o shwetse dibe tsa lona hanngwe, ya lokileng a shwela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Modimo. O ile a bolawa ka nqeng ya mmele, empa a kgutlisetswa bophelong ka Moya;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos