19 O tla kgaotsa neng ho ntjamela, o ko mphe tshweya, ke metse mathe?
19 O tla lesa neng ho ntjamela ka mahlo a hao, o be o mphe sebaka sa ho metsa mathe na?
Tshiu tsa ka di kgutshwanyane, di a feta; ako ntlohele, ke re kgefu! ho se hokae,
Tlohela ho mo tjamela, a fumane phomolo, nako ya hae e be fete jwaloka ya mohiruwa.
A ke ke a ntumella ka phefumoloha, a ka ntshithabetsa ka tse bohloko.
Morena, ako utlwe thapelo ya ka, o sekehele thapedi ya ka tsebe, o se hane ho mamela sello sa ka. Ke mojaki naheng ya hao, ke mofeti jwaloka bo-ntate.
Nkgauhele Morena, hobane ke feletswe ke matla; mphodise Morena, hobane ke opelwa ke masapo,
Ba kgopo ba tla thaba ho fihlela neng? E tla ba ho fihlela neng, Morena?
Ba howeletsa ka mantswe a phahameng, ba re: “Monghadi ya halalelang, wa nnete, ho sa setse nako e kae pele o re ahlolela, mme o lefeletsa madi a rona ho baahi ba lefatshe?”