Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 42:9 - BIBELE

9 Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama, ba ya, ba etsa jwalokaha Jehova a ba boleletse; mme Jehova a mamela thapello ya Jobo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:9
16 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.


Ha metswalle e meraro ya Jobo, e leng Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, e utlwela tsena tsohle tse bohloko tse mo hlahetseng, ya mo etela; motho ka mong a etswa hahabo. Banna bana ba ne ba dumellane hore ba tle mmoho, ho tla lla le yena, le ho mo tshedisa.


O tla rapela Modimo, ebe o a o utlwa, kano tsa hao o tsebe ho di phetha.


Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.”


Hoba Jobo a rapelle metswalle ya hae, Morena a boela a mo atlehisa. Tsohle tseo a neng a ena le tsona Morena a mmuseletsa tsona habedi.


Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”


Eya, o itjelle dijo ka thabo, o inwelle veine o nyakaletse, hoba Modimo o sa kgahlisitswe ke ketso tsa hao.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.


“Ha ho le jwalo, mang le mang ya utlwang dipolelo tsena tsa ka, a di phetha, o tla tshwantshwa le motho ya bohlale, ya ileng a haha ntlo ya hae hodima letlapa.


Mmae a re ho basebeletsi: “Eng le eng eo a le bolellang yona, le e etse.”


Ka hona ke ile ka romela ho wena ka potlako, mme o entse hantle ha o tlile. Jwale rona bohle re teng mona pela Modimo, ho utlwa tseo o di laetsweng ke Morena.”


empa tsoha, o kene motseng, mme teng o tla bolellwa seo o lokelang ho se etsa.”


Ka tumelo Aborahama o ile a mamela ha Modimo a mmitsa, mme a fallela naheng e tlang ho ba lefa la hae; a tloha a sa tsebe moo a yang teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos