Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 42:8 - BIBELE

8 Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ka baka leo, ntshang jwale dipoho tse supileng, le dipheleu tse supileng, le ikele ho mohlanka wa ka, Jobo, le hlahise setjheso bakeng sa lona, mme Jobo, mohlanka wa ka, a ke a le rapelle; ke ka baka la hae a nnotshi nke keng ka le otla ka baka la bowatla ba lona; hobane ha le a ka la bolela tsa ka ka ho loka, jwaloka mohlanka wa ka, Jobo.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:8
33 Referencias Cruzadas  

Yaba Aborahama o rapela Modimo, mme Modimo a fodisa Abimeleke le mosadi wa hae, le makgoba a basadi, mme ba tswala bana.


Jwale he, kgutlisa mosadi enwa wa motho, hobane monna wa hae ke moporofeta, o tla o rapella, mme o tla phela. Empa haeba o sa mo kgutlise, tseba hore ruri o tla shwa, wena le bohle ba heno.”


Kahobane Modimo a ne a ile a thusa Balevi ba jereng areka ya selekane sa Morena, ba etsa nyehelo ka dipohwana tse supileng le dipheleu tse supileng.


Ba tlisa dipohwana tse supileng, le dipheleu tse supileng, le dikonyana tse supileng, le diphooko tse supileng, e le nyehelo e tlosang sebe bakeng sa lelapa la kgosi, le bakeng sa Sehalalelo, le bakeng sa setjhaba sa Juda. A laela baprista, e leng bara ba Arone, hore ba etse nyehelo ka tsona hodima aletare ya Morena.


Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.


Jwale Morena a re ho Satane: “Na o kile wa bona Jobo, mohlanka wa ka? Ha ho ya kang yena lefatsheng! Ke monna ya lokileng, ya hlokang kodi, ya tshabang Modimo, ya kgesang bobe.”


Le ya molato Modimo o a mo pholosa: O tla pholoswa ka ho hlweka ha matsoho a hao.”


Bokhopo ba hao bo senyetsa ba jwaloka wena, ho loka ha hao ho thusa ba jwaloka wena.


Yaba bo-Elefase ya tswang Temana, le Biledade ya tswang Shua, le Sofara ya tswang Naama, ba etsa kamoo Morena a ba laetseng kateng, mme Morena a ananela thapelo ya Jobo.


Ha a re otle ho ya ka dibe tsa rona, ha a re putse ho ya ka melato ya rona.


Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.


Bara ba bahatelli ba hao ba tla o obamela, bohle ba neng ba o nyedisa ba koqame maotong a hao, ebe ba o bitsa Motse wa Morena, Sione ya Ya Halalelang wa Iseraele.


Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena.


Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!


Leha eba banna bana ba bararo: Nowe, Daniele le Jobo, ba ne ba phela naheng eo, ho loka ha bona ho ne ho tla lopolla bona feela, ho rialo Morena.


Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng a mokete, kgosana e tla etsetsa Morena nyehelo ya setjheso ka dipohwana tse supileng tse se nang sepha, le ka dipheleu tse supileng tse se nang sepha. Ka letsatsi le leng le le leng la matsatsi a supileng, e nke potsanyane, e etse nyehelo e tlosang sebe.


Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka pohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”


A mo isa tshimong ya Sofime, hodima qhowa ya Pisega. A haha dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe a nyehela ka pohwana le pheleu.


Bileame a re ho Balake: “Nkgahele dialetare tse supileng mona, mme o nnyehelle ka dipohwana tse supileng, le ka dipheleu tse supileng.”


ha utlwahala lentswe le tswang mahodimong, le reng: “Enwa ke Mora wa ka eo ke mo ratang, ya nkgahlang!”


e le hore re rorise mohau o tlotlehang wa hae, oo a re hauhetseng ka wona, ka Mora wa hae ya ratwang.


Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.


etswe madi a dipoho le a diphooko ha a ka ke a tlosa dibe.


Ka hona o na le matla a ho pholosa ka ho tlala bohle ba tlang ho Modimo ka yena, kaha a phela kamehla ho ba buella.


Na hara lona ho teng ya kulang? A ke a bitse baholo ba kereke, hore ba tle ba mo tlotse ka ole ba ntse ba mo rapella ka lebitso la Morena.


Motho ka mong a ipolele dibe ho ba bang, mme le rapellane, hore le tle le fole. Thapelo ya motho ya lokileng e matla haholo.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Ke yena Jesu Kreste ya tlileng ka metsi le ka madi; e seng ka metsi feela, empa ka metsi le ka madi, mme ke Moya o Halalelang o pakang hona, hobane Moya ke nnete.


“Bona, ke tla o neela ba bang bao e leng ba phutheho ya Satane, ba reng ke Bajuda, empa e se bona, ba le leshano. Ke tla etsa hore ba tlo kgumama maotong a hao, mme ba tla tseba hore ke o ratile.


Davida a amohela tseo Abikaele a neng a mo tliseditse tsona, a re ho yena: “Kgutlela ha hao ka kgotso; bona, ke mametse dipolelo tsa hao, mme ke amohetse kopo ya hao.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos