Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 42:12 - BIBELE

12 Yaba Morena o hlohonolofatsa dilemo tsa ho qetela tsa bophelo ba Jobo ho feta dilemo tsa pele. A ba le dikgutshwane tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse dikete tse pedi, le ditonki tse tshehadi tse sekete.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 42:12
15 Referencias Cruzadas  

Morena o hlohonolofaditse monga ka haholo, o mo entse hore e be morui. O mo file mehlape ya dinku le ya dikgomo, le silefera le kgauta, le bahlanka le makgabunyane, le dikamele le ditonki.


E ne e le dipodi tse makgolo a mabedi, le diphooko tse mashome a mabedi; dinku tse makgolo a mabedi, le dipheleu tse mashome a mabedi;


Ha ke re ke hobane wena o mo hahetse lerakonyana le mo sireletsang, mmoho le ba lelapa la hae, le tsohle tseo a nang le tsona? O atlehisitse mosebetsi wa matsoho a hae, mme naheng yohle ho tletse mehlape ya hae!


Jobo o ne a ena le bara ba supileng, le baradi ba bararo.


O ne a ruile dikgutshwane tse dikete tse supileng, le dikamele tse dikete tse tharo, le dipholo tse sekete, le ditonki tse tshehadi tse makgolo a mahlano. O ne a ena le bahlanka ba bangata, kahoo e le morui ya fetang barui bohle ba Botjhabela.


Maruo a pele e ne le dinyane, a morao wona e tla ba boiyane.”


A ba hlohonolofatsa, ba ngatafala haholo, a ba atisetsa leruo la diphoofolo.


Hlohonolo la Morena le entsha motho, ha ho maswabi ao le a tlisang.


Pheletso ya taba e molemo ho feta qaleho ya yona, momamelli o molemo ho feta moikakasi.


Ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo tsa bona, mme ba tla tswala bana, ba ate. Le tla boela le haha ditsheng tsa lona tsa kgale, mme le atlehe ho feta pele. Kahoo le tla tseba hore ke nna Morena.


Ha le le lehwatateng, Morena o ile a le fepa manna, ao bo-ntata lona ba neng ba sa a tsebe, hore a le kokobetse, a le leke, qetellong a tle a le etsetse tse molemo.


Laela barui ba tsa lefatshe lena hore ba se ke ba ikgohomosa, ba tshepa maruo a felang, ba mpe ba tshepe Modimo ya re fang tsohle ka bongata hore re di thabele.


Bonang, ba mameletseng re re ba lehlohonolo. Le utlwile tsa mamello ya Jobo, mme le lemohile sepheo sa Morena, hobane Morena o tletse mohau le kutlwelobohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios