Dinare di tla bolawa, di bolawe mmoho le bona, ho bolawe le dipohwana le poho tsa diqhashola. Naha ya bona e tla ba qhafutso ya madi, mobu wa bona o tshwetshwethe mafura.
Pholwana hae ya letsibolo e kgabile ka tlotla, naka tsa yona ekare ke naka tsa nare, ka tsona e tla sututsa matjhaba wohle, e a fihlise pheletsong tsa lefatshe. Naka tseo ke dikgothokgotho tsa Efraime, naka tseo ke diketekete tsa Manase.’