O tla tshwana le sehlahla se metseng hara lehwatata, ha a ka ke a bona le tse molemo ha di etla. O tla aha matswatlareng a omeletseng a lehwatata, a ahe naheng e lenyekethe, e hlokang baahi.
o ka tonki e hlaha, e tlwaetseng lehwatata, e fofonelang moya ha e fihletswe ke takatso; ha e palesitse e ka thibelwa ke mang? Poho tse e batlang di ke ke tsa ikgathatsa, di tla e fumana ka kgwedi ya ho tlolelwa.
Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.