Bara ba rona, botjheng ba bona, ba ke ba be jwaloka ditlama, tlama tse holang hantle; baradi ba rona ba be jwaloka ditshiya, tshiya tsa dihuku tse betletsweng ntlo ya bokgosi.
Kahoo Morena o bua tjena: “Ke bea lejwe la motheo Sione, lejwe le lekilweng, la bohlokwa, la mantlha; ke lejwe la nnete, la motheo: ‘Ya dumelang hona o tla ba le mamello.’
Ona ke molaetsa wa Morena. Lena ke lentswe la Morena malebana le Iseraele. Morena ya adileng mahodimo, ya theileng lefatshe, ya buduletseng moya kahare ho motho, o re:
Ka ho rialo ba tla be ba itebatsa ka boomo hore, kgalekgale, ka taelo ya Modimo, mahodimo a bile teng, le lefatshe le ntshitsweng metsing, le ntseng le le hara metsi.
Mafutsana o a nyolla a le leroleng, bahloki o ba nyolla ba le moraheng, o ba dudisa mmoho le mahosana, terone ya tlotla e be lefa la bona; hoba tshiya tsa lefatshe ke tsa Morena, o theile lefatshe hodima tsona.