Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 37:3 - BIBELE

3 O dumisa letolo tlasa mahodimo wohle, hadima la hae le yo fihla pheletsong tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 O le utlwahatsa hohle sebakeng sa lehodimo, o betsa mahadima a wona ho isa pheletsong tsa lefatshe.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 37:3
12 Referencias Cruzadas  

hoba o bona pheletso tsa lefatshe, o bona tsohle tse tlasa mahodimo.


ha a ne a beela pula taelo, lehadima le lona a le betlela tsela,


Maru a matsho a dusa pula ya motloporo, ka maru ao, Modimo lehadima o a le hasa.


Maru a ntsa phethesela tseleng ya wona, a aparetse lefatshe kahohlehohle, a phetha taelo tseo Modimo a di entseng.


Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele.


hore pheletso tsa lefatshe a di aparele, ba kgopo ba be ba phasaphase?


Na ke wena ya ka laelang lehadima ho thwakgatsa? Na le ye le tle ho wena, le re: ‘Ke nna enwa?’


Ke nahana mesebetsi yohle ya hae, ke imamella diketso tsa hae tse kgolo.


Mahadima a hae a bonesa lefatshe; lefatshe le a bona, mme le a thothomela.


O tla emisetsa ditjhaba mokgele, a phuthe Baiseraele ba lelekilweng naheng ya bona; a bokelle setjhaba sa Juda se qhalantsweng, a se bokelle hohle qoleng tse nne tsa lefatshe.


hobane jwalokaha lehadima le tsekema ho tloha botjhabela le be le yo fihla bophirimela, le ho tla ha Mora Motho ho tla ba jwalo.


Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos