8 yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona;
8 ya dulang mokgatlong wa ba babe, ya tsamayang le bakgopo?
O re batho ba kgutsiswe ke ho berabera ha hao? Ere o soma, o se kgalemelwe ke motho?
Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.
Empa Jobo a re ho yena: “O bua jwaloka mosadi ya sethoto! Na re ka amohela tse molemo feela tse tswang ho Modimo, yaba ha re amohele tse bohloko?” Ho tsena tsohle, Jobo ha a a ka a etsa sebe ka seo a se buileng.
“Na o tla hanella tseleng ya kgale, tseleng e kutlilweng ke ba kgopo?
o re: ‘Motho a ke ke a putswa ka letho, leha a leka ho kgahlisa Modimo.’
Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng dikeletso tsa ba kgopo, ya sa tsamayeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;
Ha ke ahisane le batho ba leshano, ha ke kopane le baikaketsi.
Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe.
Mora wa ka, se tsamaisane tsela le bona, mohlaleng wa bona o se ke be wa hata.
Ya tsamayang le bahlalefi o a hlalefa, molekane wa dithoto yena o a thotofala.
e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe,
Se tsamaye tseleng tsa ba kgopo, se tsamaye tseleng ya baetsadibe.
Le se ke la ithetsa. “Ditlwaelano tse mpe di senya mekgwa e metle.”