3 Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa.
3 Hobane tsebe e leka ditaba, jwalokaha mahalapa a latswa dijo.
Ha ke re tsebe e mamela ho kgetha mantswe, jwalokaha leleme le kgetha dijo ka ho di latswa?
Ka molomo wa ka ha ke eso bue bokgopo, ka ho lakaletsa bophelo ba sona thohako.
Mamela! Jwale ke lekgatheng la ho bua, mantswe a sa le lelemeng la ka.
“Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!
A re ikgetheleng se lokileng ka borona, a re tsebeng ka borona se leng molemo.
Ebe phoso e tswile lelemeng la ka? Na nka sitwa ho kgetha tse molemo ho tse kgopo?”
Motho ya nang le Moya o Halalelang o hlalohanya tsohle, athe yena ha ho ya ka mo ahlolang.
Athe dijo tse thata ke tsa batho ba baholo, ba seng ba ithutile ho hlalohanya botle le bobe.