2 “Lona bahlalefi mamelang polelo tsa ka! Lona bo-tsebanyane theang tsebe le mmamele!
2 Lona banna ba bohlale, utlwang taba tsa ka! Ntshekeheleng ditsebe, lona banna ba ditaba!
Yaba Elehu o tswela pele, o re:
Tsebe e hlwaya mantswe ha a buuwa, jwalokaha dijo di latsuwa ke mahalapa.
Ya bohlale a a mamele, a eketse tsebo le kutlwisiso, ya nang le kutlwisiso a fumane tataiso,
Ke bua le lona le le ba bohlale; ke re le ikahlolele hore na ke reng.
Bana beso, le se ke la nahana jwaloka bana, le nahane jwaloka batho ba baholo, empa le be masea ka nqeng ya bobe.