9 “Jwale ke bona ba ntlakang ka pina, ke se ke fetohile sesomo ho bona.
9 Mme jwale, ke fetohile pina ya bona le maele a bona;
Kajeno ke fetohile sesomo ho metswalle, ke fetohile sesomo ke lokile, ke se na kodi, nna ya neng a ipiletsa ho Modimo, a nkarabe.
“Ho bohle ke se ke fetohile sesomo, fahleho sa ka ba se tshwela ka mathe;
Ke bana ba mawatla, bo-mohloka-lebitso, ba lelekilwe lefatsheng, hara batho.
O re fetotse sekgobo ho baahisane ba rona; sesomo le setsheho ho ba re potapotileng.
Morena, o ile wa nthetsa, ka thetseha, wena o matla ho mpheta, mme o ntlhotse. Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho, motho ka mong o nnyekoletsa melomo.
Tjhabeng sa heso ke fetohile sesomo, se nteola ka dipina letsatsi lohle.
Dira tsa rona tsohle di re bebenyetsa melomo, di a re swenyetsa.
Esita ba eme, esita ba dutse, ka nako tsohle nna ke pina ya bona!