Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 3:21 - BIBELE

21 Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele, ba le batla le ho feta letlotlo, patuwe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 e le ba lebeletseng lefu, mme ha le fihle, ba le tjheba ba le lakatsa ho fetisa letlotlo le patilweng,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 3:21
13 Referencias Cruzadas  

Elia yena a qeta letsatsi a ntse a tsamaya hara lehwatata. A fihla a dula tlasa sehlahla sa tshinabele, a ikopela hore a shwe, a re: “Ho lekane! Oho, Morena, nka moya wa ka jwale, hobane ha ke fete bo-ntate ka letho!”


Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”


Ba thaba ka thabo e fetisisang, ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.


“Hoja kopo ya ka e ne ka ananelwa, Modimo a nnea seo ke se labalabelang;


Modimo a kgahlwa ke ho mphetshela, a nkisa letsoho, a ntimetsa.


kahoo ke ikgethela lefu la ho kgangwa, ho ena le ho phela ke le masatswane.


ha o ka e batla sa hoja o batla silefera, wa e batla sa tlotlo e le patuwe;


Kahoo ka lebohela ba seng ba shwele, ho ena le bana ba ntseng ba phela.


Morena wa mabotho o re: Masalla wohle a setjhaba sena se kgopo, a tla phonyoha, a dibakeng tsohle tseo ke a leleketseng ho tsona, a tla ikgethela lefu bakeng sa bophelo.’ ”


Ka baka leo, oho, Morena, mpe o mpolaye, hobane ho molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Ha letsatsi le tjhaba, Modimo a tsosa moya o tjhesang, o hlahang botjhabela, mme letsatsi la bataola Jonase hloohong, hoo a bileng a akgeha. A itakaletsa lefu, a re: “Ho ka ba molemo ho nna hore ke shwe, ho ena le hore ke nne ke phele.”


Haeba o nketsa tjena, hlo mpolaye hona jwale, ke a o rapela, haeba o nkgauhetse, e le hore ke se ke ka bona bomadimabe ba ka.”


Matsatsing ao batho ba tla ipatlela lefu, empa ba ke ke ba le fumana; ba tla lakatsa ho shwa, empa lefu le tla ba baleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos