Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 3:13 - BIBELE

13 Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse, ke ithobaletse, ke phomotse ka kgotso,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane jwale, nka be ke rapaletse ke ikgutseditse, nka be ke robetse, mme ka phomola le nna,

Ver Capítulo Copiar




Jobo 3:13
22 Referencias Cruzadas  

ke eso ikele kwana bo-ya-batho, fatsheng le lefifi, le meriti e metsho;


fatsheng le lefifi la bo-nka-ntjana, moo e leng lapeng habo morusu, moo sedi la teng e leng lefifi!’ ”


O mo hlolela ruri, ebe o iketse; o fetola fahleho sa hae, ebe o a mo leleka.


“Ho tla feta lemo di le mmalwana, ebe nna ke nka tsela e yang bo-ya-batho.”


Haeba hae la ka ke Nqalo ya Bafu, eba phate tsa ka ke di ala lefifing;


“Ke a tseba: Mopholosi wa ka o a phela, qetellong o tla ema a mpakele.


ke yena eo ke tla fela ke mmone ka seqo, ke mmone ka mahlo a ka ke sa romeletsa. Ka pelo ya ka yohle ke labalabela hoo!


Bophelo ba bona ba bo qeta ba atlehile, hanghang ba theohele Nqalong ya Bafu.


“E mong motho o shwa e le sekwankwetla, a kgotsofetse, a bile a iketlile;


ba robala ba bapile roleng la lebitla, bobedi ba bona ba nyeunye diboko.


Jwalokaha komello le motjheso di qhibidisa lehlwa, lebitla le lona baetsadibe le a ba metsa.


Popelo e tla ba lebala, diboko di ba nyabele; ba ke ke ba hlola ba sa hopolwa, bokgopo bo tla fela sa fate se robehile.


“Ba ka mabitleng ba a thothomela, le tsohle tse tlasa metsi, tse phelang ho wona.


Nqalo ya Bafu e feela kapela Modimo, mohohlo wa timelo o ahlame, ha o a kwahelwa.


Ke hobaneng nkileng ka sikwa? Ke hobaneng ke antseng matswele?


Ha ho na lefifi le letsholetsho, moo baetsadibe ba ka tsebang ho ipata.


Ke hobaneng ha o sa tshwarele tshito ya ka, wa tlosa bokgopo ba ka ba fela? Haufinyane ke tla robala lebitleng; o tla mpatla, empa ke tla ba siyo.”


Tsohle tseo o ka di etsang, o di etse ka matla a hao kaofela, hobane lebitleng, moo o yang teng, ha ho sa na mosebetsi, kapa merero, kapa tsebo, kapa bohlale.


Empa ha ba a epelwa le bahlabani ba maqai ba bolailweng, ba theohetseng Nqalong ya Bafu le dihlomo tsa bona tsa ntwa, ba ileng ba sama disabole tsa bona, ditopo tsa bona tsa kwahelwa ka dithebe tsa bona, le hoja ba ile ba tshosa dinatla tse phelang lefatsheng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos