11 “Ke tla le ruta seo matla Modimo a leng sona; merero ya Ya Matla wohle nke ke be ka e pata.
11 Ke tla le ruta diketso tsa Modimo, nke ke ka pata merero ya Ya matla wohle.
“Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?
Na yena o tla thabela Ya Matla wohle, a ipiletse ho Modimo ka nako tsohle?
Tsena tsohle le lona ka mahlo le di bone; ke ka baka lang ha le ntse le bua mafeelafeelane?
Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa.
Modimo, o nthutile wa nthuta ho tloha botjheng ba ka, mme ho fihlela jwale ke ntse ke tumisa dimakatso tsa hao.
Morena a bua le nna letsoho la hae le matla le le hodima ka, a nkeletsa hore ke se ke ka latela mekgwa ya setjhaba sena, mme a re:
Le a tseba kamoo ke sa kang ka le patela letho le molemo kateng, ha ke ntse ke bolela, mme ke ruta kapele ho setjhaba le malapeng a lona,
“Bonang, ke le rutile melao le ditaelo, jwalokaha Morena Modimo wa lona, a ntaetse, e le hore le tle le etse jwalo naheng eo le yang ho yona, hore e be ya lona.