Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 26:14 - BIBELE

14 Tsena ke dinyane feela tsa matla a hae, tse bolelwang ka yena ke lehweshehweshe; boholo ba matla a hae bo ka utlwisiswa ke mang?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ka ditsebe tsa rona re utlwa wewetso e nyenyane ya tsona. Empa seaduma sa matla a wona, ke mang ya ka se utlwang?

Ver Capítulo Copiar




Jobo 26:14
16 Referencias Cruzadas  

Ya tsebang ho thiba ha maru ke mang, le ho thwathwaretsa ha lehodimo la hae?


Lentswe le purumang le latela lehadima, Modimo o pokosela ka ntswe la bohosi ba hae; ha maru a thwathwaretsa lehadima ha a le thibele.


Ho pokosela ha ntswe la Modimo ho a makatsa; o etsa dikgolo tse fetang kutlwisiso ya rona.


“Ke ile ka nyenyeletswa ka lekunutu, ka longwa tsebe ka ba ka hwesheletswa.


Na tsoho la hao le tshwana le la Modimo, hoo o ka kirietsang ka ntswe le kang la hae?


Ke utlwile feela ha o ntso bolelwa, empa jwale ke o bone ka mahlo a ka.


Tsebo ena e makatsang e a mpheta; e tebile hoo nke keng ka e fihlela.


Morena o moholo, o lokelwa ke thoriso e kgolo, boholo ba hae ha bo fihlelwe.


Lentswe la Morena le utlwahala hodima metsi, Modimo ya tlotlehang o a thwathwaretsa, Morena o hodima metsi a mawatle.


Jwalokaha tsela ya moya o sa e tsebe, kapa popeho ya ngwana ka popelong, o ke ke wa tseba mesebetsi ya Modimo, e leng yena ya entseng tsohle.


Kganya ya hae e ka mahlasedi a letsatsi, ka diatleng tsa hae mahlasedi a a betseha! Ke moo matla a hae a patehileng teng.


Borui, le bohlale, le tsebo ya Modimo di kaakang! Dikahlolo tsa hae di ka hlaloswa jwang! Ditsela tsa hae di ka utlwisiswa jwang!


Dira tsa Morena di tla tamukanngwa, ha Radiphahama a thwathwaretsa a le lehodimong; Morena o tla ahlola batho bohle, a matlafatse kgosi ya hae, a tsose Motlotsuwa wa hae, a mo tsose molota!”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios