Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 23:16 - BIBELE

16 Modimo o mphokodisitse, ke hloka sebete, Ya Matla wohle o nkgekgethisa letswalo;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Hobane Modimo o fokodisitse pelo ya ka, Ya matla wohle o ntshositse.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 23:16
11 Referencias Cruzadas  

Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae.


ka baka leo ke tshaba ho ema kapele ho yena, ha ke mo hopola tswalo le a nkgekgetha.


“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;


dira di mpetletse meno, jwaloka tau tse purumang, tse harolang.


Esale ke le madimabe, ke batla ke eshwa, ho tloha botjheng ba ka; ke jere kotlo tsa hao tse tshabehang, ke tsiapane.


Ha ke na ho qosa kamehla yohle, kapa hona ho halefa kamehla, ho seng jwalo ba kapele ho nna ba ka tepella, e leng batho bao ke ba bopileng.


Yaba ke re: “A nna elwa! Ke madimabe hakaakang! Ke timetse! Ke motho ya puo di mpe, mme ke phela hara setjhaba se dipuo di mpe. Mahlo a ka a bone Kgosi, Morena wa mabotho.”


Pelo tsa lona di se ke tsa nyahama, taba tsa bo-fuufu di se ke tsa le tshosa, taba tsa bofuufu tse tletseng hara naha. Jwalokaha dilemo di hlahlamana, tsa bofuufu le tsona di a hlahlamana; naha e ferekantswe ke moferefere, babusi le bona ba a suthisana.


A letsatsi le tshabehang! Tsatsi la Morena le se le le haufi! Le tla tla e le tsatsi la timetso e tswang ho Ya Matla wohle.


a re ho bona: ‘Mamelang, lona Baiseraele! Kajeno le thulana le dira tsa lona ntweng. Le se ke la nyahama dipelo; le se ke la tshaba, kapa la ferekana, kapa la tshoswa ke dira.


Empa a re ho bona: “Le se ke la mpitsa Naomi; le mpe le mpitse Mara, hobane Ya Matla wohle o nketseditse tse bohloko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios