Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 22:12 - BIBELE

12 “Modimo ya mahodimong a hodimodimo, o tadimela dinaledi tlase, o di tadimela tlase le hoja di le hodimo!

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Na Modimo ha o a phahama jwaloka lehodimo na? Tadima bohodimo ba dinaledi, bo hole hakakang!

Ver Capítulo Copiar




Jobo 22:12
10 Referencias Cruzadas  

“Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle?


O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho feta lebitla!


Lelalla mahodimong o ke o bone, tadima maru a o phahametseng.


Mahodimo ke mahodimo a Morena, lefatshe lona o le neile bana ba batho.


Modimo wa rona o mahodimong, o etsa tsohle tse mo kgahlang.


Ha o eya ka tlung ya Modimo, hlokomela mehato ya hao. Atamela haufi, o mamele, ho ena le ho ya etsa nyehelo ya mahlabelo jwaloka dithoto tse sa tsebeng hore di etsa sebe.


Se potlakele ho ahlamisa molomo, pelo ya hao e se ke ya ba lehala ho bua ho hong kapela Modimo. Modimo o lehodimong, wena o lefatsheng, kahoo polelo tsa hao di se be kae.


Ya phahameng, ya hodimodimo, yena ya phelang kamehla yohle, eo lebitso la hae le halalelang, o re: “Ke phela bakeng se phahameng, bakeng se halalelang, ya robehileng moya, ke phela le yena, le ya ikokobeditseng ke phela le yena, ke kgothatsa ya ikokobetsang, ke kgothatsa ya robehileng moya.


Morena o bua tjena: “Lehodimo ke terone ya ka, lefatshe ke bonamelo ba maoto a ka. E kae ntlo eo ba nkgahelang yona? Se kae sebaka seo ke tla phomola ho sona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos