21 hoba palo ya kgwedi tsa hae ha e fedile, boiketlo ba lapa la hae ha a sa bo natsa.
21 hobane ha a re letho ka ntlo ya hae kamora hae, ha palo ya dikgwedi tsa hae e se e fetile.
Ha bara ba hae ba tlotlwa, yena ha a tsebe le letho, le teng ha ba kokobetswa, yena ha a bone le letho;
Tshiu tsa motho di badilwe, palo ya kgwedi tsa hae e tsejwa ke wena, o mo sehetse moedi, a ke ke be a o tlola.
Kotlo eo e mo tlele a e shebile, kgalefo ya Ya Matla wohle a e habole;
Ke mang ya ka rutang Modimo bohlale, athe Modimo o ahlola le ba lehodimo?
O mphokodisitse ke sa le motjha, a kgutsufatsa ditshiu tsa ka.
Rolela morwalo wa hao ho Morena, mme o tla o jarisa; a ke ke a tlohella ya lokileng hore a sisinngwe le ka mohla.