10 Poho ya ya kgopo e a katika, ha e ke e lala, thole tsa hae di a tswala, ha di ke di folotsa.
10 Poho ya bona e a hwela, ha e lale; dithole tsa bona di a tswala, ha di folotse.
Bashanyana ba bona ha ba etswa e ka re mohlape, bana ba bona ba a tlola, ba a thalaka.
Malapa a bona a na le kgotso, a hloka tshabo, kotlo ya Modimo ha e eso ba wele hodimo.
Naheng ya heno ha ho mosadi ya tla senyehelwa, kapa eo e tla ba nyopa; ke tla etsa hore o phele halalele.
“Ho ne ho ena le monna e mong wa morui, ya neng a apara diaparo tse perese, tse ntlehadi, a ithabisa ka ho etsa mekete ka tsatsi le leng le le leng.
Morena o tla o atlehisa haholo ka ho atisa bana ba hao, le manamane a dikgomo tsa hao, le ditholwana tsa masimo a hao, naheng eo Morena a e hlapanyeditseng bo-ntatao hore o tla o nea yona.