Mosadi a elellwa hore sefate seo se ka jewa, se bile se kgahla mahlo; le hore se a lakatseha, hobane se hlalefisa motho. Yaba o kgola tse ding tsa ditholwana tsa sona, o a di ja; a ba a fa le monna wa hae, le yena a ja.
Davida a re ho Uriya: “Le kajeno emisa mona, mme hosasane ke tla o lokolla, o tsamaye.” Ka baka leo, Uriya a hlola Jerusalema letsatsing leo, le le hlahlamang.
Wena mohlankana, ithabise o sa le motjha, o nyakallele matsatsi a botjha ba hao; o latele thato ya pelo ya hao, o tsamaye ho ya ka tjhadimo ya hao; feela o tsebe Modimo o tla o ahlola, a o ahlolele ketso tsohle tsa hao.
Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.