Lena ke lona lefu la sewa, leo ka lona Morena a tla otla ditjhaba tsohle tse lwantshitseng Jerusalema: Dinama tsa tsona di tla bola, tsona di ntse di phela, mahlo a tsona a sale e le mehoboko, le maleme a tsona a bolle mahalapeng a tsona.
Ka tadima, mme ka bona pere e tshehla ba ditau, lebitso la ya e palameng e le Lefu, mme a setswe morao ke Nqalo ya Bafu. Yaba ba newa matla hodima karolo ya bone ya lefatshe, hore ba bolaye ka sabole, ka tlala, ka lefu, le ka dibatana tsa naha.