Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 17:4 - BIBELE

4 kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hobane dipelo tsa bona o di kwaletse kutlwisiso; ka baka leo, o ke se ke wa ba phahamisa.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 17:4
10 Referencias Cruzadas  

E mong a bolella Davida, a re: “Ahitofele o teng kahara mahlabaphiyo a Abosalome.” Davida a re: “Oho, Morena, ke a o rapela: Ako nyopise dikeletso tsa Ahitofele.”


Yaba Abosalome le banna bohle ba Iseraele, ba re: “Keletso ena ya Hushai wa Moareke e ntle ho feta keletso ya Ahitofele.” Morena o ne a rerile hore keletso e ntle ya Ahitofele e nyope, e le hore Morena a tle a dihele koduwa hodima Abosalome.


Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”


baeletsi ba mmakgonthe a ba fetole dimumu, maqheku wona a a amohe meelelo.


Ya ekang motswalle ho fumana moputso, bana ba hae ba tla lebella mahlo a ba kgathale.


Morena o ba kentse moya, moya wa pherekano, Egepeta e thekesela ho tsohle tseo e di etsang, jwalokaha letahwa le thelliswa ke mahlatsa a lona.


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Modimo o ba neile moya o se nang kutlwisiso, mahlo a sa boneng, le ditsebe tse sa utlweng, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno.”


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos