10 “Lona bohle boelang le leke hape! Feela hara lona ha ke bone mohlalefi.
10 Haele ka lona kaofela, kgutlang hle, le boye; nke ke ka bona motho ya hlalefileng hara lona.
“Ha ho pelaelo, batho ke lona feela! Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
O tseba dife tseo re se nang tsebo ya tsona? O utlwisisa dife tseo re se nang kutlwisiso ya tsona?
Matsatsi a ka a fetile, merero ya ka e nyopile; takatso tsa pelo ya ka le tsona di nyopile.
kelello tsa bona o di thithibantse, kahoo o se ka ba ba thusa, ba hlola.
O re tadimelang jwaloka diphoofolo? Mahlong a hao re le mahelehele?
Hase ba baholo feela ba nang le bohlale, kapa maqheku feela a utlwisisang ho lokileng.
Yare hoba Morena a qete ho bua mantswe ana ho Jobo, a re ho Elefase ya tswang Temana: “Wena le metswalle ya hao e mmedi ke le halefetse haholo. Ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.
Ke a le kopa: Imameleng, phoso e se be teng; imameleng hape, esere ho loka ha ka ha thunthetswa.
Le tla boela le tseba hore na ya lokileng o fapane jwang le ya kgopo, ya sebeletsang Modimo o fapane jwang le ya sa mo sebeletseng.”
Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?
Ke rialo hore le hlajwe ke dihlong! Na ha ho le ya mong ya bohlale hara lona, ya ka tsebang ho ahlola ditsekisanong tsa badumedi?