16 mahlo a ka a fubetse ke menyepetsi, botsho bo entse sedika-mahlwana ntshing tsa ka;
16 Sefahleho sa ka se rurusitswe ke dillo, botsho ba lefu bo apesitse dintshi tsa ka.
Ha e le metswalle ya ka e a ntshoma, keledi tsa ka di keleketlela ho Modimo.
mahlo a ka a fifaditswe ke maswabi, ditho tsa ka tsohle e se e ka seriti.
Ho wona wohle fifi le tshwana le motsheare, matshabeho a lefifi ho mashodu ke metswalle.
Dira tsa ka di ntlaka kamehla, ba nkgalefetseng ba nyefola lebitso la ka.
Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.
ha o a ka wa nneella dira tsa ka, empa o ntsamaisa ka bolokolohi.
Ha ke ne ke sa kgutsitse, ke ne ke opelwa ke masapo ke ho dumaela letsatsi lohle.
Ke qahilwe tebetebeng ya seretse, ha ho moo nka hatang teng, ka hata ka tsitsa. Ke fihlile kweetseng, maqhubu a nkwahetse.
Batho ba bangata ba ne ba mo makaletse, tshobotsi ya hae e ne senyehile ho feta ya bohle, sebopeho sa hae se sa tshwane le sa batho.
“Ke ka baka la tsona ke llang, mahlo a ka a keleketla dikeledi, hobane motshedisi wa ka o hole le nna, yena ya neng a ka kgatholla moya wa ka. Bana ba ka ba setse ba itlhophere, hobane nna ke hlotswe ke sera sa ka.”
Yaba o re ho bona: “Moya wa ka o maswabing a maholo hoo nka shwang; salang mona, le fadimehe.”