11 Modimo o nneeletse ka balotsana, o ntahletse matsohong a batho ba kgopo.
11 Modimo o nneetse matsohong a ba bolotsana, o nkakgetse diatleng tsa ba babe.
O bona ho le molemo ho nna o nkataka, o nyedisa mmopo wa matsoho a hao, o thabela merero ya ba kgopo?
Batho ha ba kopetse melomo ha ba ntshoma, ba ntjabela lerameng ba bile ba nnyefola, ba entse setha-se-wele hodima ka.
Ke ne ke iketlile, ke mona o ntshuhlamantse, a mphamola ka molalana, yaba o a mpidila, a ntlhoma ho ba sekgopi sa metsu ya hae.
Le ntlhorisetsang jwalokaha Modimo a ntlhorisa? Ha le kgotsofale ha ke hlepholeha dinama?
jwale tsebang: Modimo ke yena ya nkentseng hampe, o ntanteletse ka letlowa la hae.
Yaba Satane o tloha kapele ho Modimo, o etsa hore Jobo a berehe diso ho tloha bohatong ba leoto ho ya fihla kahodima hlooho.
“Ka Modimo ya phelang, ya nkamohileng toka, ka Ya Matla wohle, mohlokofatsi wa moya wa ka;
“Na kahlolo ya ka o tla fela o e hanyetse, ebe o mpea molato, hore o itokafatse?
Lefatshe le matsohong a ba kgopo, o kwahela baahlodi ba lona ka lesira mahlong; haeba e se yena, ebe jwale ke mang?
Se tlohele dira tsa ka ho etsa borata ka nna, hobane paki tsa bohata di eme lepaketla di a nqosa, di bile di a ntshokela.
Ke tla nyakalla, ke thabele mohau wa hao, hobane o bone ho hlopheha ha ka, wa lemoha matshwenyeho a ka;
a lokise dibetsa tse bolayang, metsu ya hae a e etse ditsenene tse malakabe.
Ya eba moo a ba neelang yena hore a thakgiswe. Yaba ba nka Jesu.
Modimo o tloheletse bohle ho ipea ditlamong tsa ho se mamele, e le hore a tsebe ho hauhela bohle.
Hore ke se tshohe ke ikgantsha ka baka la boholo ba tseo ke di senolotsweng, ke hlabilwe ka moutlwa mmeleng, e leng moromuwa wa Satane, hore a nne a ntjabele, esere ka ikgantsha.
Kajeno lena o mpontshitse kamoo o nketseng hantle kateng, hobane leha Morena a ne a neelane ka nna matsohong a hao, wena ha o a ka wa mpolaya.