Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 15:5 - BIBELE

5 Puo tsa hao di susumetswa ke bokgopo ba hao, boqhweleqhwele bo ntlheng ya leleme la hao.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 15:5
19 Referencias Cruzadas  

a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao!


Malapeng a batupi teng ho rena kgotso, ba phephetsang Modimo ba phela ka boiketlo, bao matla a bona e leng wona modimo wa bona.


Ho tshaba Modimo o ho phephethetse hole le wena, ho rapela Modimo hona o a ho fedisa.


Bokgopo ba hao bo boholo haholo, dibe tsa hao di hloka moedi!


Banna ba bararo bana ba kgaotsa ho araba Jobo, hobane o ne a itadima a lokile.


Jwale kgalefo ya Elehu, mora wa Barakele, ya tswang Buse, wa lelapa la Rama, ya tlokoma. Kgalefo ya hae ya tlokomela Jobo, hobane Jobo o ne a re ke yena ya lokileng, Modimo ke yena ya phoso.


O nyopisa merero, bo-ramasene ba e rerile, ba be ba hloke katleho;


ka maraba a bona o tshwasa bo-ramasene, maqheka a bona a fetoha lefeela.


Mpate hole le mokgatlo, mokgatlo wa ba etsang bobe, hole le sehlopha sa ba kgopo;


Maleme a sona a ka metsu e mahloko, kamehla ha se bua, se bua leshano. Ka molomo, motho o bua hamonate, o bua ho motswalle, ka pelong o ntsa mo lokisetsa maraba.


Motho ya molemo o ntsha ho molemo letlotlong le molemo la pelo ya hae, mme e mobe o ntsha ho hobe letlotlong le lebe la pelo ya hae, hobane molomo wa hae o bua se tletseng ka pelong ya hae.”


Ha motho a nahana hore ke morapedi, feela a sa tshware leleme la hae, a ithetsa, borapedi boo ba hae ke ba lefeela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos