Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 15:23 - BIBELE

23 O lelera le naha, a batla dijo, a ntse a botsa hore na di kae; o a tseba, tsatsi la timelo ya hae le atametse;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

23 O lelerela bohobe, o re: Bo kae? O tseba hobane tshiu e ntsho e mo atametse.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 15:23
21 Referencias Cruzadas  

Ha o lema, mobu o ke ke wa hlola o o atlehisa ka tse tswang ho wona. O tla ba mmalehi le moleleri lefatsheng.”


O lahlehetswe ke tshepo ya ho tswa kahara lefifi, kaekae sabole le yona e mo laletse.


matshwenyeho le mahloko a mo kenya letswalo, a mo pupetsa sa kgosi e kgatheng la ho futuha,


A ke ke be a phonyoha lefifing, lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae, kgalefo ya Modimo e mo timetse!


Tlala e fedisa matla a hae, a fokole, hang ha a hloleha koduwa e mo wela hodimo.


o lelekwa leseding, a iswe lefifing, hohle lefatsheng ebe o a falatswa.


Bana ba hae ba lelere, e be mekopakopa, ba lelekwe thakong tsa habo bona.


Kamehla ba kgutla ka phirimana, ba rore sa dintja, ba solle hara motse,


ba shote, ba batle dijo, ba komakome ha ba sa kgore.


Ba lokileng Morena ha a ba bolaise tlala, takatso tsa ya kgopo o a di nyopisa.


Tsohle Morena o di entse ka morero wa hae, le ya kgopo tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.


Leha motho a ka phela lemo tse ngata, a ithabisa ka tsona tsohle, feela a hopole matsatsi a lefifi, hobane a tla ba mangata haholo; tsohle tse tla tla ke lefeela.


Ra ipea tlasa Egepeta le Asiria, re tle re tsebe ho fumana bohobe.


Re fumana dijo re okametswe ke lefu, ka baka la sabole e lehwatateng.


Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho! Lebotho le leholo, le matla, le a tla, le tla hlaha sa mafube dithabeng; le kaalo ka lona ha le eso ka le bonwa, e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.


Na tsatsi la Morena ha e tlo ba la lefifi, la lefifi le letsho, la bo-nka-ntjana?


Tsatsi leo ke tsatsi la kgalefo, ke tsatsi la tlokotsi le la mahlomola, ke tsatsi la timelo le la tshenyeho, ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana, tsatsi le phetheselang maru, maru a matshomatsho!


ho tla sala tebello e tshabehang ya kahlolo, le kgabo ya mollo e tla timetsa bahanyetsi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos