11 “Na matshediso a Modimo o a a halala, le mantswe a buuwang ka bonolo tsebeng tsa hao?
11 Na o nyedisa matshediso a Modimo, le puo tse bonolo tse buwang ho wena na?
Jwale Sedekiya, mora wa Kenaneya, a atamela ho Mmikiya, a mo wahlela lerameng mona, a re: “Moya wa Morena o ile wa tswa jwang ka ho nna, ho ya bua le wena?”
Ke tseba tsena jwalokaha le lona le di tseba, etswe le hona ha le mphete ka letho!
Na merero ya phiri tsa Modimo o a e tseba? Na bohlale bona ebe ke ba hao o le inotshi?
Taelo tse tswang molomong wa hae ha ke a di kgeloha, ka pelong ya ka ke bolokile polelo tsa hae.
Ba ditlokotsing o ba pholosa ka ditlokotsi, a thibolle tsebe tsa bona ka matshwenyeho.
“Le wena a ka ba o ntshitse ditsietsing, a o isitse bakeng se sa patisanang, moo tafole ya hao e tla tlala mapetle!
Ke ne ke tla thaba, ke tshedisehe, ke tsebe ho mamella ditlokotsi tsa ka, hoba polelo tsa Ya Halalelang ha ke a di hanyetsa.
Mohla ke neng ke le matshwenyehong ka batla Morena, ka dula ke phahamisitse matsoho, ke a phahamisitse hara bosiu, moya wa ka wa hana ho tshediseha.
Empa Modimo ya kgothatsang ba eisehang o ile a re kgothatsa ka ho tla ha Tite;