Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 13:11 - BIBELE

11 Na tlotla ya hae ha e tlo le kenya letswalo, kgalefo ya hae e tsubellele hodima lona?

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 13:11
10 Referencias Cruzadas  

Maele a lona a tshwana le molora hantle, boitshireletso ba lona bo tshwana le ba letsopa.


Ako tlosetse tsoho la hao hole le nna, kgalefo ya hao e se ke ya ntshosa;


Ho tshaba Modimo ho ne ho nthibela, tlotla ya hae e ntshabisa ho etsa tsena.


Mmele wa ka o thothomela ke ho o tshaba, mme ke tshohile dikahlolo tsa hao.


Tshabo le thothomelo tsa ba wela hodimo, ka matla a tsoho la hao ba kgutsitse jwaloka majwe, ho fihlela tjhaba sa hao se feta, tjaba sa hao Morena, ho fihlela tjhaba seo se feta, seo o iphumanetseng sona.


Hopola hore Morena wa mabotho o a halalela, e be yena eo o mo tshabang, e be yena eo o mo tshohang.


Empa Morena ke Modimo wa nnete, ke Modimo ya phelang, Kgosi ya kamehla yohle. Ha a halefile fatshe lohle le a reketla, tjhaba di sitwa ho mamella kgalefo ya hae.


Na ha le ntshabe?” ho rialo Morena. “Ha le thothomele keng ha le le kapele ho nna? Nna ya etseditseng lewatle moedi, ka o etsa ka lehlabathe, moedi o sa tloheng, oo le ke keng la o tlola? Maqhubu a ka tsudubutlana, a ka ke be a o tlosa! A ka kwasa a ratile, a ke ke be a o tlola!


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa ba ke ke ba bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho timetsa moya le mmele diheleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos