Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 1:17 - BIBELE

17 Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla, la re: “Bakalatiya ba ile ba fihla ka mabothwana a bona a mararo, a hlaselang, ba futuhela dikamele, ba di hapa; ba bolaya le bahlanka ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eo a re a sa bua, ha boela ha fihla e mong, a re: Bakalde ba diphafa tse tharo ba nehelletse dikamele, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:17
8 Referencias Cruzadas  

Harane a shwa ntatae Tera a sa phela, a shwela naheng eo a tswaletsweng ho yona, e leng Ure ya Bakalatiya.


Yaba Tera o nka mora wa hae Aborame, le Lota, setloholo sa hae, mora wa Harane, le ngwetsi ya hae Sarai, mosadi wa mora hae Aborame; a tloha le bona naheng ya Ure ya Bakalatiya, a fallela naheng ya Kanana. Ha ba fihla Harane, ba aha teng.


Davida a re ho yena: “O tswa kae?” Monna eo a re ho Davida: “Ke e mong wa bahlabani ba Baiseraele ya phonyohileng.”


Ke ha Basheba ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya bahlanka bohle ba hao ka sabole. Ke nna feela ya phonyohileng ho tla o tsebisa.”


Yare le leo le sa ntsane le bua, le leng la fihla hape, la re: “Bara ba hao le baradi ba hao ba ne ba le ka tlung ya moholwane wa bona, ba ntse ba eja, ba enwa.


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


Bao ke bara ba Babilona, le Bakalatiya bohle, banna ba Pekode le Showa le Kowa, le Baasiria bohle ba nang le bona. Ke bahlankana ba ditjaka, babusi le balaodi le bahlabani le mahosana a tummeng, bao kaofela ha bona ba palamang dipere.


Bona he, jwale ke tsosa Bakalatiya, tjhaba sane se bohale, se lehala, se thalatsang kahohle le lefatshe, ho ikgapela metse eo e seng ya sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos