Jeremia 7:31 - BIBELE31 Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)31 Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka. Ver Capítulo |
Ha le etsa dinyehelo ka dimpho tsa lona, le etsa sehlabelo sa setjheso ka bara ba lona, le ntse le tswela pele ho itshilafatsa ka medingwana ya lona ya bohata ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, na lona ba ntlo ya Iseraele ke tla le dumella ho mpotsa? Ke a hlapanya, ho rialo Morena Modimo, ha nka ke ka le dumella ho mpotsa.