Jeremia 6:20 - BIBELE20 Mokubetso o tswang Sheba o ntlisetsa molemo ofe? Wa ntshwe e tswang naheng tse hole wona ke ofe? Nyehelo tsa lona tsa setjheso ha di amohelehe, le mahlabelo a lona ha a nthabise.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)20 Dibano tse tswang Sheba e ka ba eng ho nna, le monko o monate la naha e hole nka le reng? Ditjheso tsa lona ha di nkgahlise, mahlabelo a lona ha a nnatefele. Ver Capítulo |
Empa ya etsang mahlabelo ka poho, o tshwana le mmolai wa motho; ya etsang nyehelo ka konyana, o tshwana le ya robang ntja molala; ya etsang nyehelo ka dijo, o tshwana le ya nyehelang ka madi a kolobe; ya tjhesang mokubetso ho etsa kgopotso, o tshwana le ya kgumamelang modimo wa bohata. E, ba ikgethetse tsela tsa bona, meya ya bona e thabela manyala a bona.