Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 52:7 - BIBELE

7 baahi ba motse ba phunya dikgeo marakong. Bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Ba nka tsela e lebang phuleng. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:7
17 Referencias Cruzadas  

Baahi ba motse oo ba phunya dikgeo marakong, bahlabani bohle ba baleha bosiu, ba tswa ka kgoro e pakeng tsa marako a mabedi, e pela tshimo ya kgosi. Bakalatiya ba ne ba ntse ba potapotile motse oo. Kgosi ya nka tsela e lebang phuleng.


Bonang, ho rialo Morena, ke tla ba laela, ke be ke etse hore ba kgutlele motseng ona. Ba tla o futuhela, ba o hape, ba be ba o tjhese ka mollo. Ke tla etsa hore metse ya Juda e be lehwatata le se nang baahi.”


Ka letsatsi la borobong la kgwedi ya bone, ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Sedekiya, marako a motse a heletswa.


Ruri bahlankana ba wona ba tla bolawa diterateng, bahlabani ba kgutsiswe mohla tsatsi leo,” ho rialo Morena wa mabotho.


Madiboho a dinoka a hapilwe, diqhobosheane di tuka malakabe, bahlabani bona ba kenwe ke tshabo!”


Emang ke hona, re futuheng bosiu, qhobosheane tsa hae re di thuakanye!’ ”


“Kgosana ya bona e tla jara thoto ya yona mahetleng a yona, e le ka shwalane, e tsamaye. E tla tswa le lesobeng leo ba e phunyeditseng lona leboteng, e ikgurumetse sefahleho e le hore e se ke ya bona tsela.


Motsheare le itse nte! moo ba ntseng ba o shebile, o ntshe thoto ya hao, o itokisetse ho ya bothopuweng. Mantsiboya, moo ba ntseng ba o shebile, o tsamaye jwaloka ba yang bothopuweng.


Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”


Ke tla le halefela, mme le tla bolaelwa moo dira tsa lona di le bonang. Ba le hloileng ba tla le busa, mme le tla baleha ho se ya le lelekisang.


“ ‘Ha e le masalla a lona, ke tla a etsa makwala naheng ya dira tsa wona. A tla tshoha difotle, a phaphathehe jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang.


Le tla tswa ka dikgeo tsa marako, le tswe ka bonngwe le kolokile, le tswe, le yo lahlelwa Heremone,” ho rialo Morena.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos