Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:49 - BIBELE

49 “Ka baka la Baiseraele bao e ba bolaileng, Babilona le yona e tla hlolwa, jwaloka babolauwa ba lefatshe lohle, ba bolailweng ka baka la Babilona,” ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

49 Jwalokaha Babilona a ile a diha ba hlabilweng ba Iseraele, le hona ba hlabilweng ba lefatshe lohle ba tla wa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:49
13 Referencias Cruzadas  

“Lona ba lobetseng lefa la ka, le hoja le thabile, le nyakaletse, le ralotsa sa sethojana se qeta ho pola mabele, le tsetsela jwaloka poho tsa dipere,


“Bohle ba fulang ka diqha le ka metsu, ba bitseng bohle, ba futuhele Babilona, ba e etsetse sakana-la-nkope, ba se tlohele le ya mong a phonyoha. Putsang Babilona ka baka la ketso tsa yona, le e etse seo e ila se etsa ba bang, hobane Babilona e ikgantsheditse Morena, ya ikgatshetsa Ya Halalelang wa Iseraele.


“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.


Baahi ba Sione ba bue, ba re: ‘Botubo boo re tubilweng ka bona, ho hlokofatswa ha mmele ya rona, tsena di ke di wele Babilona hodimo!’ Baahi ba Jerusalema bona ba re: ‘Bakalatiya ba ke ba otlwe, ba otlelwe madi ao ba a tsholotseng.’ ”


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


Babilona ho fumanwe madi a baporofeta, le a bahalaledi, le a bohle ba ileng ba bolawa lefatsheng.”


Yaba Adoni-Beseke o re: “Dikgosi tse mashome a supileng, tseo ke neng ke di kgaole menwana e metona ya matsoho le ya maoto, di ne di ye di thonake makumane tlasa tafole ya ka. Jwalokaha le nna ke ile ka etsa, Modimo o nketsa jwalo.” Ba mo isa Jerusalema, mme a shwela hona teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos