Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:47 - BIBELE

47 Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

47 Ka baka leo, bonang, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla otla medimo e betlilweng ya Babilona; lefatshe la hae kaofela le tla hlabiswa dihlong, baahi bohle ba hae ba we ho yena ba hlabilwe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:47
13 Referencias Cruzadas  

Bonang, ho tla bapalami ba dipere ka bobedi! Sebohodi sa boela sa bua, sa re: “Babilona e wele! Babilona e wele! Tshwantsho tsa medimo ya bohata, medimo e betlilweng, di bjaramane, di hasantswe fatshe!”


Kahoo Morena wa mabotho o bua tjena: “Ke tla ba otla. Bahlankana ba bona ba tla bolawa ka sabole, bara le baradi ba bona ba bolawe ke sekoboto.


O tla reng ha bao o no re ke metswalle, ba o hlweswa hodimo, e eba babusi ba hao? Na ha o na ho tshwarwa ke mahlaba, o tshwarwe ke mahlaba sa mosadi a kena tlung?


Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: ‘Molaetsa wa Morena,’ motho eo ke tla mo otla hammoho le lelapa la hae lohle.


“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.


“Bolelang le phatlalatse hara ditjhaba, phahamisang mokgele, le phatlalatse, le se pate letho, le bolele, le re: ‘Babilona e tla hapuwa, Bele wa modingwana a hlabiswe dihlong, Maraduke wa modingwana a tlale tshabo. Medimo ya bohata e tla hlabiswa dihlong, medingwana ya Babilona e tlale tshabo.’


Ke ntho tsa mafeela, ke ntho tsa ho nyediswa, e tla timela mohla tsatsi la kotlo ya yona.


“Ke tla fedisa Babilona le baahi bohle ba yona moo le ntseng le bona, ka baka la diphoso tsohle tseo ba di etseditseng Sione,” ho rialo Morena.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


“Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla otla medingwana ya bona, hara naha yohle mahlatsipa a tla dumaela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos