Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 51:14 - BIBELE

14 Morena wa mabotho o se a ikanne: Ke tla tlatsa batho hara naha ya hao, bongata ba bona bo lekane le ba ditsie; ba tla o hlabela mekgosi ya ho o hlola.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho ana Jehova wa makgotla ka ho phela ha hae, o re: E, ruri, ke sa tla o tlatsa ka batho ba kaale ba ditsie, mme ba tla o hlabela mokgosi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:14
13 Referencias Cruzadas  

A laela, ha hlaha ditsie, le bookgolane bo se nang palo.


“Kahoo lona bohle ba morabe wa Juda ba ahileng naheng ya Egepeta, utlwang lentswe la Morena: Tsebang hore ke ikanne ka lebitso la ka le leholo, ho rialo Morena, hore ha ho motho wa morabe wa Juda ya naheng yohle ya Egepeta ya sa tla hlola a bitsa lebitso la ka, a re: ‘Ka Morena Modimo ya phelang!’


Moru wa Egepeta ba tla o kgethula,” ho rialo Morena, “ba o kgethule leha o opane haholo, hobane ba feta le ditsie ka boiyane, palo ya bona hase e ka ba ya balwa.


Ke ikanne,” ho rialo Morena, “Bosera e tla fetoha lesupi, e be sesomo, e nyedisehe, mme e rohakehe; metse yohle ya yona e tla fetoha masupi a kamehla yohle.”


Hlabelang Babilona mokgosi kahohle! E a inehela, tora tsa yona di a heleha, le marako a yona a a heletswa, hobane phetetso ena ke ya Morena. Le lona iphetetseng ho yona, le e etse seo e se entseng ba bang.


“Phahamisang mokgele le hara naha! Letsang lenaka hara ditjhaba! Hlophisang ditjhaba di futuhele Babilona, le meme mebuso ena e e futuhele: Ararate le Mini le Ashekenase. Kgethang molaodi ya tla e futuhela, le romele dipere tse kang boiyane ba ditsie.


“Ke tla le buseletsa, ke le buseletse se senyehileng, se jelweng ke ditsie ka dilemo tse ngata; sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie, ya se ja, ya se kokona sohle; lebothohadi leo ke le neeletseng ka lona.


Morena Modimo o se a ikanne, Morena Modimo wa mabotho, o re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo, ke hloile matlo a bokwele a hae; ke tla neelana ka motse ona, ke neelane ka tsohle tse ho wona.”


Modimo, kaha ho se e mong e moholo ho mo feta hore a hlapanye ka yena, o ile a ikana ka boyena mohla a etsetsang Aborahama tshepiso,


Bamidiane ba ne ba ye ba nyolohe le mehlape ya bona, le ditente tsa bona, ba tle jwaloka boiyane ba ditsie. Palo ya bona le ya dikamele tsa bona e ne e ke ke ya balwa, mme ba fihle naheng eo ba e falatse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos