Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 50:12 - BIBELE

12 mma lona o tla hlabiswa dihlong haholo, yena ya le belehileng o tla tlontloloha; e tla ba tjhabana se nyedisehang hara ditjhaba, a fetohe lefeella, letswatlare le lehwatata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mma lona o hlabisitswe dihlong haholoholo, ya le tswetseng o fetohile mmala: bonang, e se e le setjhaba se katlase ho ditjhaba tsohle, ke lefeella, naha e tshehla le nahathothe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 50:12
17 Referencias Cruzadas  

“Ke tla ema ke ba futuhele,” ho rialo Morena wa mabotho; “ke tla timetsa bitso la Babilona le masalla a yona, ke timetse bana ba yona le ditloholo tsa yona,” ho rialo Morena.


Tadima naha ya Bakalatiya, ya tjhaba seo e seng e se letho! Baasiria ba e fetotse hwatata la dibatana, ba haha tora tsa bona tsa dibohodi, ba heletsa qhobosheane tsa yona, ba e siya e fetohile masupi.


Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona.


Ya nang le bana ba supileng o tla kgathala, a kgathalle ruri, a idibane. Tsatsi le tla mo dikella e ntse le motsheare, a hlajwe ke dihlong, a be a tlontlolohe. Masalla a setjhaba ke tla neelana ka wona, ke a nee dira di a bolaye ka sabole,” ho rialo Morena.


Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda: “Le hoja ho nna o ka Gileade, o tshwana le tlhoro ya Lebanone, ruri ke tla o fetola lehwatata, ke o fetole metse e hloka baahi.


“ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.


le dikgosi tsohle tsa leboya, tse hole le tse haufi, ka ho hlahlamana ha tsona, le mebuso yohle e teng mona lefatsheng, mme qetellong ho tla nwa kgosi ya Sheshake.


Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “ao ka wona ke tla hlaba mokgosi, ke o hlabele Raba ya Baamone: Raba e tla fetoha qubu ya masupi, metse ya yona e tjheswe ke mollo. Jwale Baiseraele ba tla hapa naha ya bona, ba e hape ho ba neng ba e hapile pele,” ho rialo Morena.


Metse ya Babilona e ripitlilwe, naha e fetohile sekaka le lehwatata, naha e se nang baahi le batsamai.


Ka baka leo, nako e tla fihla, nako ya hore ke otle medingwana ya Babilona; naha yohle ya Babilona e tla ripitlwa, babolauwa ba yona ba rapalle kahohle ho yona.


Empa Jerusalema e hodimo, e leng mma rona, yona e lokolohile,


Phatleng ya hae ho ne ho ngotswe lebitso le fupereng sephiri: “Babilona e kgolo, mma diotswa tsohle le manyala wohle a lefatshe.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos