Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 49:18 - BIBELE

18 Jwalokaha Sodoma le Gomora di ile tsa timetswa, tsa timetswa le metse e di potapotileng,” ho rialo Morena, “kahoo ha ho ya tla phela ho yona, ha ho motho ya tla aha motseng oo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Jwalokaha ho kile ha eba ho ripitlweng ha Sodoma le ha Gomorra, le ha metse e mabapa le teng, ho bolela Jehova, ho ke ke ha aha motho leha e le ngwana motho ho ikahela teng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:18
16 Referencias Cruzadas  

Ba kgopo o tla ba nesetsa mashala, mashala a hlenneng le sebabole, kabelo ya bona e tla ba moya o tukang.


E ke ke ya tingwa motsheare le bosiu, mosi wa yona o tla foqoha kamehla yohle. Naha e tla ba nanaola ka mengwaha yohle, ha ho ya sa tla feta hara yona.


Hara baporofeta ba Jerusalema ke bone se tshosang: Ba etsa bofebe, ba phela ka ho bua mashano, ba bile ba kgothaletsa batho ho etsa bokgopo, hoo ho seng ya furallang bokgopo ba hae. Kaofela ha bona ho nna ba tshwana le ba Sodoma, baahi ba teng ba tshwana le ba Gomora hantle.”


“Hasore e tla fetoha lehae la diphokojwe, e be nanaola ya kamehla yohle; ha ho na motho ya tla phela ho yona, ha ho na motho ya tla aha ho yona.”


Jwalokaha Sodoma le Gomora Modimo a na di timetse, a timetsa le metse e neng e ahelane le tsona,” ho rialo Morena, “ha ho na motho ya sa tla phela Babilona, ha ho na motho ya tla aha Babilona.


“Ka timetsa le metse ya lona, ka e timetsa sa mohla Sodoma le Gomora; la phonyoha sa fatsa le tshotswe mollong, leha ho le jwalo ha le a ka la kgutlela ho nna,” ho rialo Morena.


Ka baka leo, ke a hlapanya,” ho rialo Morena wa mabotho, Morena Modimo wa Iseraele. “Moabe e tla ba jwaloka Sodoma, Amone yona e be jwaloka Gomora, naha e tletseng bobatsi le matjheko a letswai, naha e fetohileng nanaola ya mehla yohle. Masalla a tjhaba sa ka a tla e lobela, ba phonyohileng ba tjhaba sa ka ba e hape.


Ho jwalokaha Esaya a boletse pele, a re: “Hoja Morena wa mabotho a sa ka a re siela mahlatsipa, re ka be re le ile ra ba jwaloka Sodoma, re ka be re ile ra tshwana le Gomora.”


“Meloko e tlang, e leng ditloholo tsa lona tse tla tswalwa, le mojaki ya tswang naheng e hole, ba tla bona diwa tsa naha ena, le malwetse a yona, ao Morena a e otlang ka wona.


Mobu o tla fetoha sebabole le letswai, naha yohle e be letswatlare le tjheleng, le sa jalwang, le sa beheng, le se nang jwang, jwalokaha ho ne ho timetswa Sodoma le Gomora, le Adema le Seboime, tseo Morena a neng a di timetse ha a halefile, a le bohalehale.


Hapehape Modimo o ile a ahlola metse ya Sodoma le Gomora ka ho e tjhesa lore! Hona ya eba mohlala wa se tla hlahela ba kgopo.


Ho bile jwalo le ho baahi ba Sodoma le Gomora, le ba metse e ka mathoko. Le bona ba ile ba ineela bohlola, mme ba lakatsa dibopuwa disele. Metse ena e ileng ya welwa ke kotlo ya mollo o sa feleng, ke mohlala o ka bonwang ke bohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios