Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jeremia 48:29 - BIBELE

29 “Boikgantsho ba Moabe re bo utlwile, boikgantsho bo boholo le mabela a yona, boikgantsho ba yona le bona boikakaso, esita le mabifi a pelo ya yona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:29
13 Referencias Cruzadas  

Leha Morena a phahame hakaalo, o bona ba eisehang; ba ikgantshang o ba tseba ba sa le hole.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.


Moikgohomosi ya mabefi o bitswa “mosomi”, boikakaso ba hae ha bo na tekanyo.


Moloko o teng o ikgohomosang, o shebang batho ka ho ba nyedisa.


Ho tshaba Morena ke ho hloya bobe, ke hloile boikgohomoso, ke hloile le boikakaso, boitshwaro bo bobe le leshano le tsona ke di hloile.


Lefatshe ke tla le otla, ke le otlele bokgopo ba lona, ba kgopo le bona ke ba otle, ke ba otlele dibe tsa bona, boikakaso ba ba itjang ke bo fedise, boikgohomoso ba bompodi ke bo kokobetse.


Re utlwile hore Moabe o a ikgantsha, ho ikgantsha ha hae ke ho tlolang moedi, o a ikakasa, o a ikgantsha, o bohale, empa boithoriso ba hae ke ba lefeela.


“Jwale nna Nebukadenesare, ke rorisa Kgosi ya Lehodimo, ke a e phafa, ke a e tlotlisa, hobane mesebetsi yohle ya yona e nepahetse, le ditsela tsa yona di lokile, mme ba ikgohomosang e a ba kokobetsa.”


hobane e mong le e mong ya iphahamisang o tla kokobetswa, athe ya ikokobetsang o tla phahamiswa.”


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos